DIPHETOHO TSA KOMITI E HLWAILWENG
BILING YA BOLAODI BA POLOKEHO YA RALEWA
YA SETJHABA
POLELWANA YA 1
Leqhepeng la 5, moleng wa 17 le wa18, ho hlakolwe ?ho latela karolo ya 7 (j) ya Molao ona?.
Leqhepeng la 5, moleng wa 51, ho ntshwe ? (j), ho kenywe ?(2 )(b)?
POLELWANA YA 6
Leqhepeng la 8, moleng wa boraro, ka morao ho matshwao ana ?,? ho kenywe ?le?.
POLELWANA YA 7
Polelwana e hannwe.
POLELWANA E NTJHA
MESEBETSI YA BOLAODI
Bolaodi molemong wa ho fihlella maikemisetso a bona ho latela karolo ya 5, bo lokela ho-
a eletsa Letona ditabeng tse amanang le mohato ofe kapa ofe kapa boemong i bo ka bang le hore bo ka baka tshoso efe kapa efe ya nnete kapa monyetla wa tshoso e ka hlahisang kotsi kapa ya senyetsa batho, kapa ya senya thepa;
ii boo Letona le fetisetsang ditaba ho Bolaodi;
iii boo Bolaodi bo utlwisisang hore bo a hlokeha hore bo kgone ho fihlela boikemisetso ba bona;
b etsa hore molemong wa Molao ona, bo sebetse jwalo ka lekgotla la taolo la setjhaba le le nang le bokgoni mabapi le ho thotha thepa e kotsi ka seporo;
Bolaodi molemong wa ho finyella maikemisetso a bona ho latela karolo ya 5
ya Molao ona, bo na le hona ho ka-
a nehelana, ho fetola, ho kgaotsa kapa ho fedisa ditumellano tsa polokeho;
b ananela ka molao mokgatlo o emetseng dioporeitara, ho kenyeleditswe le di-indastri tse ding tsa kgwebo ya ralewa, ho sebetsa lebitsong la bona mabapi le maemo a ntshetsopele;
c bokella le ho fana ka lesedi le amanang le tshebetso e bolokehileng ya ralewa d hira, ba reka kapa ba fumana thepa e ka kgonang ho ka suthiswa kapa e sa kgoneng ho ka suthiswa le ditokelo tsa thuo , le khiro kapa bo hleke thepa e fumanehileng ka mokgwa o jwalo, empa bo keke ba hleka thepa e sa suthiseheng ntle le hore bo fumane pele kananelo ya Letona, e tswileng ha mmoho le tumellano le Letona la Ditjhelete;
e sebedisana le mokgatlo ofe kapa ofe, kapa ba theha le ho laola menyetla bakeng sa hore ho bokellwe le ho nehelana ka lesedi la saense le la bothekniki, mabapi le taba efe kapa efe e amanang le polokeho ya ralewa e welang tlasa maikemisetso a Bolaodi;
f kgema le mokgatlo o mong le o mong wa thuto, wa saense kapa ofe kapa ofe, mmuso kapa mokgatlo mabapi le pehelo ya taelo bakeng sa, kapa thupelo ya batho ba hlokwang ke Bolaodi;
g ho latela maemo a kang ao Bolaodi bo dumelang hore a tshwanelehile, bo fane ka thuso ya ditjhelete kapa thuso ya mofuta o mong e mabapi le thupelo ya batho ho latela ka moo ho hlokehang ka teng ho netefatsa hore Bolaodi bo kgone ho phethahatsa mosebetsi wa bona;
h ba le ishorense e tla thusa bolaodi tahlehelong ya mofuta ofe kapa ofe eo bolaodi bo ka iphumanang bo na le yona, tshenyo, mathata kapa ho tshwanela ho jara molato ofe kapa ofe oo bo ka tshwanelang ho tobana le ona;
i tlabola dilekane, ho etsa ditumellano kapa ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe, ho sa tsotelehe hore ke Riphaboliki kapa sebakeng se seng, moo boikemisetso ba bona bo ntshetswang pele kapa moo bo balwang ka mokgwa o otlolohleng kapa o sa otlolohang ho matlafatsa boleng ba ditshebeletso tseo Bolaodi bo fanang ka tsona hore bo kgone ho fihlella boikemisetso ba bona kapa ho phethisa tse ka laeletswang;
j amohela maemo ao opareitara kapa mokgatlo wa indastri ena o nehelaneng ka ona ho latela ho kgema le mehato e laeleditsweng ke Letona tlasa karolo ya 29;
k hloka hore opareitara kapa mokgatlo wa indastri ya ralewa o rerisane le mokgatlo o hlophisitsweng wa basebetsi nakong ya ntshetsopele ya maemo le ho nehelana ka monyetla hore ba hlahise maikutlo hodima maemo ao pele a ka fetisetswa ho Bolaodi bakeng sa kananelo;
l buisana le motho ofe kapa ofe ya nang le tsebo ditabeng tse amanang le tshebetso e bolokehileng ya ralewa ho fana ka keletso ho Bolaodi mabapi le ntshetsopele, kapa qabang efe kapa efe mabapi le maemo;
m fana ka thuto le ho tsamaisa mesebetsi efe kapa efe e meng ya ho nehelana ka temoso bathong mabapi le tshebetso ya ralewa e bolokehileng ho latela sepheo sa Molao ona;
n bokella le ho hasa lesedi le mabapi le tshebetso e bolokehileng ya ralewa;
o ho etsa diphuputso diketsahalong tsa ralewa ho latela kgaolo ya 7
le p etsa mosebetsi ofe kapa ofe o tsamaelanang le tshebetso e bolokehileng ya ralewa
Mesebetsi ya Bolaodi e lokela ho etswa ke Mohlanka ya ka sehloohong wa Phethahatso, ho latela taelo ya lekgotla, ntle le moo ho qaqisitsweng ka mokgwa o mong Molaong ona
POLELWANA YA 8
Leqhepeng la 9, moleng wa 28, ka morao ho ?mohlanka?, kenya setho ho ya ka boemo ba hae?.
POLELWANA YA 10
Leqhepeng la 11, moleng a 15, ka morao ho ?,? ho kene ?le?.
POLELWANA YA 11
Leqhepeng la 11, moleng wa 26, ho ntshwe ?33? ho kene ?32?.
Leqhepeng la 11, moleng wa 27, ho ntshwe ?39 ? ho kene ?38 ?
Leqhepeng la 11, moleng wa 34, ka morao ho ? ? ho kene ?(b)?.
Leqhepeng la 11, moleng wa 38, ka morao ho ?,? ho kene ?kapa?.
POLELWANA YA 17
Leqhepeng la 12, moleng wa 51, ho ntshwe ?23?, ho kene ?23 ?.
POLELWANA YA 19
Leqhepeng la 13, moleng wa 27, ho ntshwe lentswe la mopeleto o fosahetseng wa ?Letona?, mme ho kene lentswe la mopeleto o nepahetseng la ?Letona?.
Leqhepeng la 13, moleng wa 27 ho isa ho wa 28, ho ntshwe ?se lohothwang karolong ya 54 ?, ho kene ?e entswe ho latela Molao ona?.
POLELWANA YA 23
Leqhepeng la 14, moleng wa 9, ho ntshwe ?e lokelang?
Leqhepeng la 14,moleng wa 10, ka morao ho ?(a)? ho kene ?e lokelang?
POLELWANA YA 28
Leqhepeng la 15, moleng wa 33, ka morao ho ?,? ho kene ?le?.
POLELWANA YA 31
Leqhepeng la 16, moleng wa 20, ka morao ho ?Letona? ho kene ? ka morao ho ditherisano le setho sa Lekgotla la Phethahatso se ikarabelang ho Dipalangwang tsa diprovense tse fapafapaneng
Leqhepeng la 16, moleng wa 25 ho isa ho wa 26, hlakola ?, ka therisano le Letona la Ditaba tsa Mobu?.
POLELWANA YA 32
POLELWANA YA 33
POLELWANA YA 34
Leqhepeng la 17, moleng wa 18, ho hlakolwe ?34 ? ho kene ?33 ?
POLELWANA YA 41
Leqhepeng la 18, moleng wa 44, ho hlakolwe ?mohla? ho kene ?mme e be?.
POLELWANA YA 44
Leqhepeng la 19, moleng wa 17, ka morao ho ?kgahlano? ho hlakolwe ?ya?.
POLELWANA YA 45
POLELWANA YA 47
POLELWANA YA 49
Leqhepeng la 20, moleng wa 18, hlakola ?molaodi? ho kene ?Ho nkuwa o le motho ka molao?.
Leqhepeng la 20, moleng wa 19, ka morao ho ?molaodi? ho kene ?setho sa Terasete kapa setho?
POLELWANA YA 56
Leqhepeng la 21, moleng wa 46, ka morao ho ?boromuwa? ho kene ?le mosebetsi?.
POLELWANA YA 6O
Leqhepeng la 23, moleng wa 2, ka morao ho ?4? ho kene ?Shejulung ya 1?
